Lehlasedinyana la Ditsebiso tsa Mmuso | Molawana wa Lehlasedi la Ditsebiso tsa Mmuso wa nomoro ya 6290 | | ya 399 | Kgatiso e tswellang Tshwane ka la 8 Loetse 1998 | Nomoro ya 19231 |
TSEBISO YA MMUSO BOLAODI BA MANGOLO A THUTO AFRIKA BORWA
Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa | Nomoro ya R 1127 | | 8 Loetse 1998 | MELAWANA YA MOLAO WA BOLAODI BA MANGOLO A THUTO AFRIKA BORWA SELEMONG SASEKETE, MAKGOLO A ROBONG, MASHOME A ROBONG A METSO E MEHLANO (MOLAO WA NOMORO YA MASHOME A MAHLANO A METSO E ROBEDI WA SELEMO SASEKETE, MAKGOLO A ROBONG, MASHOME A ROBONG A METSO E MEHLANO) Bolaodi ba Mangolo a Thuto mona Afrika Borwa, ka tshebediso ya molawana wa leshome le metso e mene wa Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa wa selemo sasekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano ka tumello ya Letona la Thuto le ka tshebedisano ya hae le Letona la Mesebetsi bo theile melawana ena e latelang e laneneonglena:
LENANEO KGAOLO YA PELE: DITABA TSA KAKARETSO - Ditlhaloso
KGAOLO YA BOBEDI: MAKGOTLA A THUTO LE THUPELO A KGOTHALETSANG MAKGABANE THUTONG - Kananelo
- Tataiso mabapi le kananelo ya Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane thutong
- Lengolo la bopaki ba kananelo
- Ho eketswa ha nako bakeng sa kananelo
- Ho fediswa ha kananelo
- Botho makgotleng ana a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane thutong
- Ho tlohela mosebetsi ha bahlanka ba Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane thutong
- Mesebetsi ya Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto
KGAOLO YA BORARO: MELAO YA TSHEBETSO LE TEFELLO YA MESEBETSI E PHETHWANG KE MAKGOTLA ANA A THUTO LE THUPELO A KGOTHALETSANG MAKGABANE A THUTO - Tefello ya ditshebeletso tsa Makgotla a Thuto le Thupelo bakeng sa mesebetsi e entsweng ke Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto
- Tataiso bakeng sa tsela ya tshebetso
KGAOLO YA BONE: BARUPEDI BA THUTO LE THUPELO - Kananelo ya barupedi
- Tse hlokehang bakeng sa kananelo ya barupedi
- Lengolo la bopaki la morupedi
- Kekeletso ya nako ya kananelo ya barupedi
- Kananelo ya nakwana ya barupedi
- Phediso ya kananelo ya barupedi
KGAOLO YA BOHLANO: MAKGOTLA A HLAHLOBISANG - Kamohelo ya makgotla a hlahlobisang
- Lengolo la kamohelo jwaloka makgotla a hlahlobisang
- Mesebetsi ya makgotla a hlahlobisang
- Ho fela ha nako ya tshebetso bakeng sa makgotla a hlahlobisang
KGAOLO YA BOTSHELELA: MAKGOTLA A SEPOROFESHENALE LE MAKGOTLA A LAOLANG DIHLAHLOBO - Ho sebetsa ha makgotla a seporofeshenale le makgotla a laolang dihlahlobo mabapi le ho netefatsa boqhetseke, makgabane le hlahlobiso
KGAOLO YA BOSUPA: DINTLHA TSE DING TSE FAPAFAPANENG - Mokgwa wa boipiletso
- Kgutsufatso ya sehlooho
DITABA TSE DING Melao ya tshebetso bakeng sa Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsangmakgane a thuto
KGAOLO YA PELE DITABA TSA KAKARETSO Ditlhaloso - Mantswe a latelang a tla hlaloswa ka tsela ena e latelang Molaong ona haese feela ha ditaba tseo a sebedisitsweng ho tsona di fetohile -
Lentswe lena "kananelo" le bolela bopaki ba kamohelo ya motho, mokgatlo kapa setsha sa thuto ho ba le tokelo ya ho etsa mosebetsi o itseng ka nako e itseng molemong wa ho eketsa makgabane a thuto jwalo ka ha a kgothaletswa ke Bolaodi ba Mangolo a a Thuto Afrika Borwa ka tshebediso ya Molao wa lekgotla lena; Ka lentswe lena "Molao" ho bolelwa Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano (Molao wa nomoro ya mashome a mahlano a metso e robedi wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano); Lentswe lena "mohlahlobi" ho bolelwa motho ya ngodisitsweng Lekgotleng la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ho latela mekgwa ya tataiso e beilweng ke Lekgotla le hlahisang maemo a thuto bakeng sa ho hlahloba tse fihleletsweng ke Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto mabapi le mangolo a thuto. Ka mohlahlobi wa nako le nako ho ntse ho bolelwa ona moelelo oo. "Ngodiso ya maemo a itseng" ke ho bolela ho ba setho sa boemedi sa mokgatlo o itseng e leng o boletsweng melawaneng ena; Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ho bolelwa lekgotla le ananetsweng ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(a)(ii) ya Molao. Lekgotla lena le na le boikarabelo ba ho tadima tse fihleletsweng ho latela maemo a setjhaba le mangolo a thuto mme le filwe boikarabelo bona ho latela karolo a ya bohlano (nngwe)(b)(i) ya Molao; Ka "lekala la thuto" lekala le itseng la thuto le sebediswang ke Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto; "Hlahlobiso" ke mokgwa o mong wa tshebetso o netefatsang phumano ya diphihlello tse itseng thutong tse amang mangolo a thuto le hore na di entswe ka toka le ka botshepehi na; "Lekgotla le hlahlobisang" ke lekgotla le amohetsweng ka ho qolleha ke Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa bakeng sa ho phetha mosebetsi ona; Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto ke lekgotla le ngodisitsweng ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(a)(ii) ya Molao. Lekgotla lena le na le boikarabelo ba ho theha dihlopha le mangolo a tuto le thupelo le ho phetha mesebetsi yohle e amanang le ngodiso ya mangolo a thuto ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(1)(b)(i) ya Molao; "Tse fihleletsweng kapa diphihlello" ke tsebo e fumanweng qetellong ya lenaneo la thuto; "Ho tsepamisa maikutlo" ke mosebetsi oo mokgatlo kapa lekgotla le o kgothaletsang ka ho otloloha mesebetsing ya lona; "mokgatlo wa seporofeshenale" ke mokgatlo o ngoditsweng ka molao kapa ka nako e nngwe e ka ba mokgatlo wa boithaopi o phethang mosebetsi o ntseng o tshwana le mosebetsi o phethwang ke mokgatlo o ngodisitsweng ka molao le hoja ona o sa ngodiswa ka molao; "Morupedi" ho bolelwa mokgatlo o rupelang mananeo a thuto ho latela tse bolelwang kapa ditaelo tsa Moralo wa setjhaba wa Mangolo a Thuto mme ebile o hlokomela tsela ya ho hlahloba mananeo ana ka nepo; "Kgothaletso ya makgabane" ke tsela ya ho netefatsa hore makgabane a tshebetso a fihlellwa ka katleho; "Bohlahlobi ba makgabane" ke ho hlahloba tse supang tswelopele e supang hore ho tla fihlellwa katleho thutong; "bolaodi ba tshebetso ya makgabane" ke mekgwa e fapaneng ya netefatso ya ho fumana katleho le makgabane thutong; Ka "Dihlopha tse ngodisitsweng" ho bolelwa dihlopha le mangolo a thuto ho Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a thuto; Lentswe lena "karolo" le bolela karolo ya setjhaba, moruo, le mesebetsi ya thuto e sebediswang ho lekanya makgabane a thuto ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto; mme "Lekgotla le hlahisang maemo a itseng thutong" ke lekgotla le ngodisitsweng ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(a)(ii) ya Molao. Lekgotla lena le na le boikarabelo ba ho theha dihlopha le mangolo a thuto le ho phetha mesebetgsi yohle e amanang le yona ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(b)(i) ya Molao.
KGAOLO YA BOBEDI MAKGOTLA A THUTO LE THUPELO A KGOTHALETSANG MAKGABANE A THUTO Kananelo - (1) Makgotla ana a Thuto Le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto ke makgotla a ananetsweng lefapheng le leng le le leng ke Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa bakeng sa ho hlahloba hore ho be le tsebo e fihlellwang ho latela dihlopha le mangolo a thuto le hona ho phetha mesebetsi e tshwanelehang ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(b)(i) ya Molao.
(2) Karolong eo ho se nang Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ananetsweng kapa moo Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le sa phetheng mosebetsi wa lona ka tshwanelo, Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa bo tla phetha mesebetsi eo e neng e tla phethwa ke Lekgotla la thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(b)(i) ya Molao. (3) Mekgatlo kapa sona sehlopha sa mekgatlo e batlang ho ananelwa e le Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto a tla thehwa dikarolong tsena tse latelang: - karolo ya setjhaba;
- karolo ya moruo kapa ekonomi;
- karolwaneng ya thuto le thupelo.
Mekgwa ya kananelo ya Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsangmakgabane a thuto - (1) Mokgatlo kapa sehlopha sa mekgatlo e emetseng karolo e boletsweng ho molawana wa pedi(tharo) mme mekgatlo eo e na le tsohle tse hlokwang bakeng sa ho fumantshwa kananelo jwalo ka Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto jwalo ka ha ho ngodilwe molawaneng wa (bobedi), mokgatlo kapa mekgatlo eo e ka etsa kopo mme kopo eo ya lebiswa ho Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa bakeng sa kananelo e le Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto.
(2) Mokgatlo oo o jwalo o tla bontsha hore - - Ho a hlokeha hore ho be le Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto karolong eo le ratang ho sebetsa ho yona;
- o hlile o ikemiseditse ho phetha mesebetsi ena ya kgothaletso ya makgabane a thuto kamanong ya mokgatlo ona le karolo eo o batlang ho sebetsa ho yona;
- ha o phete mosebetsi o seng o ntse o phethwa ke Lekgotla la thuto le thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto haese feela ha Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo rata hore phetapheto eo e jwalo e be teng;
- o na le bokgoni ba ho phetha mosebetsi oo Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ka o fang ona hore o o phethe;
- o na le bokgoni bohle ba ho phetha mosebetsi nakong eo ya kananelo;
- o na le tsamaiso e hlwahlwa e kenyeletsang tsena tse latelang, le hoja e se tsona feela -
- Maano a hlalosang bolaodi bo hlwahlwa e leng bolaodi boo Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ratang ho bo fihlella;
- Tsela ya tshebetso e dumellang Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ho phetha mosebetsi wa lona wa bolaodi;
- mekgwa ya ho hlahlobisa e thusang Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ho sebedisa maano ka tshwanelo;
- Mosebetsi wa netefatso ya phumano ya makgabane a thuto
- ho latela bokgothaletsi ba makgabane a thuto o na le boemedi bo matla le hona ho ba le bokgoni ba ho etsa diqeto e le hore mokgatlo ona o tsebe ho ba le boikarabelo setjhabeng;
- mesebetsi ya ona e tla hodisa merero ya Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto.
(3) Mokgatlo o batlang ho fumantshwa kananelo jwalo ka Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto o tla amohela ka lengolo hore - - Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo lokela ho hlahloba Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ka nako le nako mme bolaodi bo na le hona ho hlahloba maano le mekgwa ya tshebetso nako ya lekgotla lena ka nako le nako;
- Tokelo ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ho tataisa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto mabapi le mesebetsi ya lona; le
- Tokelo ya ditho tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ho ya ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ka ho otloloha mabapi le ditaba tse amang Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto.
Sena se etsahala feela haeba ho latetswe metjha e nepahetseng boemong ba lona Lekgotla leo la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Lengolo la bopaki ba kananelo - (1) Lekgotla le leng le le leng la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le tla fuwa lengolo la bopaki ba kananelo ya lona ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa hang ha le amohelwa.
(2) Lengolong lena la bopaki ba kananelo ya lekgotla lena ho tla bontshwa dihlopha le mangolo a thuto a ananelwang. Le ha ho le jwalo, dihlopha le ona mangolo ana a lokela hore ebe ke ao lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le sebetsanang le ona haese feela haeba kananelo eo e se e ile ya ekeletswa nako ho latela molawana wa bohlano. (3) Kgweding ya pele ya selemo sa boraro, lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le filweng kananelo le tla lokela ho hlahisa pehelo ya hore na dilemong tse pedi tse fetileng le sebeditse jwang, ke ho re, le fihleletse eng. Pehelo ena e romelwa ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa mme lekgotla lena le tla be le ikete hore le boele le nne le tswele pele ka kananelo eo le e filweng. Kekeletso ya nako bakeng sa kananelo - (1) Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto haeba le rata ho ekeletswa nako mme kekeletsong ena ho kenngwe dihlopha le mangolo a thuto a seng taolong ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa le tla romela kopo ya lona ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. Kopong ena lekgotla lena le tla tshwanela ho hlakisa kamoo le ka kgonang ka teng, ke ho re, mekgwa eo le tla e sebedisa ho latela molawana wa boraro(nngwe) le molawana wa (bobedi).
(2) Haeba lekgotla lena le fuwa kekeletso eo ya nako, le tla boela le fuwa lengolo la bopaki ho netefatsa kekeletso eo ya nako. Ho fediswa ha lengolo la bopaki ba kananelo - Kananelo ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto e ka fediswa haeba Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo lemoha hore lekgotla lena ha le phethe mosebetsi wa lona hantle ka tshwanelo.
Botho makgotleng a thuto le thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto - Ditho tsa lekgotla la thuto le thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto e tla ba ditho tsa mokgatlo kapa sehlopha sa mekgatlo e ananetsweng e le makgotla a thuto le thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto mme a amohetswe lekgotleng lena ke mokgatlo kapa sehlopha sa mekgatlo e nang le ditokelo ho latela molawana wa tharo(pedi).
Ho tloha ditulong ha ditho tsa lekgotla la thuto le thupelo lekgothaletsang makgabane a thuto - Modulasetulo le ha e le setho sefe kapa sefe sa lekgotla la thuto le thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto se boletsweng molawaneng wa bosupa se tla tloha setulong sa sona haeba -
- Haeba leruo la sona le jewa;
- Haeba a fumanwa e le motho eo ho latela molao a nang le bofokodi bo itseng ba kelello;
- Haeba a sa be teng dikopanong tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ka makgetlo a mararo a latelanang ka ntle le ho fuwa matsatsi ao a phomolo ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto;
- A beha meja fatshe kapa a tlohela mosebetsi ka ho etsa tsebiso e jwalo ka lengolo ho Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto;
- ha a fumanwa a le molato lekgotleng la dinyewe qosong e itseng mme a kwallwa tjhankaneng ka ntle le ho fuwa monyetla wa ho lefa bakeng sa kahlolo ya hae; kapa
- haeba ho latela Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto a sa phethe mosebetsi wa hae ka tshwanelo.
Mesebetsi ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane athuto - (1) Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le tla -
- ananela barupedi ba dihlopha le mangolo a thuto a ngoditsweng ho Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto;
- kgothaletsa hore barupedi ba sebetse ka makgabane;
- ho laola mosebetsi wa barupedi le ho kgothaletsa tlhahiso e atlehileng;
- hlahloba tsela eo barupedi ba hlahlobang ka yona le tshebetso ya ho hlahlobisa;
- ngodisa bahlahlobi ba dihlopha le mangolo a thuto a itseng ho latela mekgwa e hlophisitsweng;
- ho ba le boikarabelo bakeng sa ho ntsha mangolo a bopaki bakeng sa baithuti;
- sebetsa hammoho le mokgatlo kapa mekgatlo e hlahlobisang ya makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto. Ho kenyeletswa hape le ho hlahlobisa tshebetso e entsweng bakeng sa dihlopha le mangolo a thuto a Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto a ananetsweng;
- ho etsa kgothaletso ho Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a thuto hore a amohele dihlopha tse ntjha le mangolo a thuto hodima dihlopha le mangolo a thuto a ntseng a le teng;
- ho hlophisa pokello ya tsebo e ka amohelwang ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa;
- ho romela dipehelo ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ho latela tseo Bolaodi bona ba mangolo a thuto bo di hlokang; le
- ho etsa mesebetsi e meng eo Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ka hlokang hore e phethwe ka nako le nako.
(2) E le hore Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thutole tle le phethe mesebetsi ya lona hantle, le lokela ho hlokomela tsena tselatelang - - Melawana ya bobedi ho isa ho molawana wa leshome le metso e mmedi wa Melawana ya Makgotla a laolang maemo a thuto (Molawana wa R452 wa la 28 Hlakubele 1998, phatlalatsong ya Lesedinyana la Ditsebiso tsa Mmuso la nomoro ya 18787);
- le ka arolela mokgatlo o boletsweng molawaneng wa (nngwe) e le molawana o itseng mosebetsi empa ka hore ho tsebiswe Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa pele ho ka etswa jwalo. Le ha ho le jwalo, Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le keke la fa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa boikarabelo ba lona bohle.; mme
- haeba lekgotla lena le theilwe ho latela Molao wa Palamente bakeng sa ho laola barupedi ba mangolo a fapaneng a thuto, le ka fa barupedi ba lona boikarabelo ba ho ngodisa bahlahlobi jwalo ka ha ho boletswe ho latela molawana wa (nngwe)(e). Mosebetsi wa barupedi bana e ka ba ho hlahlobisa mme Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa bo tla lokela ho tsebiswa pele.
KGAOLO YA BORARO MELAO YA TSHEBETSO LE TEFELLO YA MESEBETSI E PHETHWANG KE MAKGOTLA ANA A THUTO LE THUPELO A KGOTHALETSANG MAKGABANE A THUTO Tefello ya mesebetsi e phethwang ke Makgotla a Thuto le Thupelo akgohaletsang makgabane a thuto - (1) Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto haeba le batla ho laola ditefello ho latela tumellano ya lona le Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa le tla lokela ho hlahisa leano la lona la tshebetso le supang merero le sepheo se lokelang ho fihlellwa nakong ya dilemo tse tharo tse tlang. Lekgotla lena le tla lokela hape ho hlahisa pehelo ya tshebediso ya ditjhelete.
(2) Moralo ona wa tshebetso o boletsweng molawaneng wa (nngwe) o tla bontsha ditefello tse lokelang ho laolwa ho latela ditaelo tsa Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto mme ho ntse ho hlokomelwa hore ho be le tswelopele thutong, thupelong le mesebetsing. Melao ya tshebetso - Lekgotla le leng le le leng la thuto le thupelo kgothaletsong ya makgabane a thuto le tla laolwa ke melao ya lona ya tshebetso mme le itshetlehe ka Dintlha tsa Tataiso tse hlahellang ho Ditaba Tse Ding tsa Melawana ena.
KGAOLO YA BONE BARUPEDI BA THUTO LE THUPELO Kananelo ya barupedi - Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ka ananela mokgatlo ofe kapa ofe o nang le ditokelo ho latela molawana wa leshome le metso e meraro.
Tse hlokehang bakeng sa kananelo ya barupedi - Ho hlokeha hore mokgatlo o lokelang ho ananelwa o be le thahasello le mosebetsi o tshwanang le wa morupedi e le hore o tle o ananelwe e le Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Sena se ka etsahala haeba mokgatlo oo o kopang kananelo o-
- ngodisitswe e le mokgatlo wa borupedi ka nako eo o etsang kopo ya kananelo ka yona;
- o na le mokgwa wa tsamaiso o matla oa akaretsang dintlha tsena tse latelang le hoja e se tsona feela -
- maano a taolo e kgabane a supang seo morupedi a labalabelang ho se fihlella;
- tsela e matla ya tshebetso bakeng sa bolaodi e dumellang morupedi ho sebedisa maano a taolo ka tshwanelo;
- mekgwa e metle ya ho lekola hore maano ana a atlehileng esita le tsela ya tshebetso e ntlafetseng e a sebediswa mme e dula e ntse e le ya bohlokwa tshebetsong;
- O kgona ho tswela pele, ho sebetsa ka katleho le ho hlahloba mananeo a thuto a reretsweng dihlopha tse ngodisitsweng esita le mangolo a thuto;
- o na le tsena tse latelang:
- tjhelete e lekaneng, mokgwa o matla wa tsamaiso esita le thepa e ka sebediswang;
- maano le mekgwa ya kgetho ya basebetsi, kgothatso le tswelopele;
- maano le tsela ya tshebetso bakeng sa tataiso ya baithuti le ntshetsopele ya bona;
- maano bakeng sa taolo ya mesebetsi e ikgethileng ya ka ntle esita le ka hare ho sebaka sa tshebetso;
- maano le tsela ya tshebetso bakeng sa taolo ya dihlahlobo;
- mekgwa e nepahetseng ya ho etsa dipehelo; le
- bokgoni ba ho fihlella se lebeletsweng ka ho sebedisa dintho tse teng esita le yona tsela ya tshebetso e ananelwang ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ho ntshetsapele mananeo a thuto malebana le dihlopha e mangolo a thuto a boletsweng seratswaneng sa (c); le
- Mokgatlo o so ka ba o ananelwa kapa wa etsa kopo ya kananelo ho Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto jwalo ka ha ho boletswe molawaneng wa bobedi.
Lengolo la bopaki la morupedi - (1) Morupedi e mong le e mong ha a amohelwa ho ba morupedi o tla fuwa lengolo la bopaki ke Lekgotla le amehang la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Lengolo lena la bopaki le tla be le saenelwe ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa mme le tla tsepamisa dintlha tsena tse latelang:
- hore ke karolo ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto; le
- dihlopha le mangolo a thuto ao kopo ya kananelo e etswang ka lebaka la ona.
(2) Morupedi e mong le e mong ya fuweng kananelo o tla hlahisa nehelana ka pehelo kgweding ya pele ya selemo sa bohlano sa tshebetso. O tla lokela hape ho fana ka pehelo e kang ena selemong se seng le se seng sa bohlano ho Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto mme a hlalose mabaka ao ka ona a kgothaletsang hore kananelo e jwalo e nne e tswele pele. O tla lokela hape ho bontsha tshebetso e entsweng dilemong tse nne tse fetileng. Kekeletso ya nako ya kananelo bakeng sa barupedi - (1) Morupedi haeba a rata ho ekeletswa nako mme kekeletsong ena ho kenngwe dihlopha le mangolo a thuto a seng taolong ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto o tla romela kopo ya hae ho Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Kopong ena lekgotla lena le tla tshwanela ho hlakisa kamoo le ka kgonang ka teng, ke ho re, mekgwa eo le tla e sebedisa ho fihlella katleho e lebeletsweng kananelong ena
(2) Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ananetseng lekgotlana leo la borupedi le tla lokela ho dumellana le Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa le tla hlophisa dintlha tsa kekeletso ya nako bakeng sa kananelo eo ho ya kamoo Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le hlokang ka teng. Le tla hlokomela dihlopha le mangolo a thuto ao le entseng kopo ka lebaka la ona. Sena se tla etsahala haeba - - mekgwa ya kananelo e boletsweng molawaneng wa leshome le metso e meraro(nngwe) e amohelwa;
- bahlahlobi ba ingodisitseng ho Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto leo morupedi a ananetsweng ke lona a tswela pele ka bohlahlobi ba dihlopha tse ngodisitsweng le mangolo a thuto ao kopo ya kekeletso ya nako e entsweng ka lebaka la ona; kapa
- bahlahlobi ba ngodisitsweng ho Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto mme ba thahasella dihlopha le mangolo a thuto ao kopo ya kananelo e entsweng ka lebaka la ona ba tswela pele ka bohlahlobi.
(3) Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa hammoho le Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto jwalo ka ha bo boletswe ho molawana wa (pedi) bo tla hlokomela hore kananelo e boletsweng molawaneng wa leshome le metso e meraro bakeng sa dihlopha le mangolo a thuto e sebediswa ka tshwanelo kapa e a latelwa. (4) Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto e leng lekgotla le faneng ka kekeletso ya nako ya kananelo ho morupedi e tla dula e le Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le laolang morupedi eo le kamora hoba ho amohelwe kekeletso ya nako ya kananelo. (5) Ka nako eo kananelo e etswang, ho tla fanwa ka lengolo la bopaki jwalo ka ha ho boletswe molawaneng wa leshome le metso e mene(nngwe)(b). Kananelo ya nakwana bakeng sa baruped - (1) Haeba Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto leo ho entsweng kopo ya kananelo ho lona le fumana hore morupedi ha a kgotsofatse ditlhoko tsohle tsa hore a ka fumana kananelo e phethahetseng, Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ka mo fa kananelo ya nakwana ya nako eo ho ka dumellanwang ka yona. Nako ena e keke ya feta dilemo tse pedi mme ka nako ena morupedi o tla kena tataisong ya lenaneo la Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le reretsweng ho thusa morupedi hore a kgone ho fumana kananelo e phethahetseng. Le ha ho le jwalo, Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ntse le tla hlompha ditabatabelo tsa morupedi nakong ena ya lenaneo lena la thuso.
(2) Morupedi e mong le e mong ha a se a fumane kananelo, o tla fuwa lengolo la bopaki ba kananelo ya nakwana ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Lengolo lena la bopaki le tla dumellwa ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa, mme lona le tla hlahisa ditaba tsena tse latelang - - Ka hore ke morupedi ya ananetsweng ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto;
- dihlopha le mangolo a thuto a dumeletsweng ho latela kananelo ena ya nakwana;
- matsatsi ao ka ona kananelo ena ya nakwana e tla qala e be e felle.
Phediso ya kananelo bakeng sa barupedi - (1) Kananelo ya morupedi e ka fediswa haeba Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le faneng ka kananelo ena hammoho le Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa le lemoha hore morupedi ha a phethe mosebetsi wa hae hantle ka tshwanelo.
(2) Morupedi a ka kopa hore kananelo ya hae malebana le dihlopha esita lemangolo a thuto e fediswe.
KGAOLO YA BOHLANO MAKGOTLA A HLAHLOBISANG Kamohelo ya ditho tsa makgotla a hlahlobisang - Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ka amohela lekgotla le hlahlobisang haeba bo fumana hore ho a lokela. Le ha ho le jwalo, Bolaodi bo ka etsa sena haeba -
- lekgotla leo le nepana le tse lebeletsweng ho latela Lekgotla le hlophisang dihlopha tsa thuto mme le etse kgothaletso ho Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto ho latela molawana wa mashome a mabedi a metso e mene(nngwe) wa Melawana ya Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto e le molawana wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e robedi (molawana wa nomoro ya R.452 wa la 28 Hlakubele 1998, phatlalatsong ya Lesedinyana la Ditsebiso tsa Mmuso la nomokro ya 18787 mme o amohetswe ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa.
- lekgotla leo le ka kgona ho phetha mesebetsi ya ho hlahlobisisa ka tsela e bontshang le ho kgodisa hore hlahlobisiso eo e entswe hantle, e a tshwaneleha mme ebile e ka sebediswa ka tshepo; le hore
- lekgotla leo le boemeding ba setjhaba boemong ba ho etsa diqeto mme boemedi boo bo emetse ditabatabelo tsa setjhaba se emetsweng se nang le thahasello mesebetsing ya lekgotlana lena.
Mangolo a kamohelo bakeng sa ho amohelwa jwalo ka makgotla a hlahlobisang - (1) Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ka amohela makgotla a hlahlobisang bakeng sa nako e itseng. Bolaodi bo ka amohela dihlopha tsa thuto le mangolo a thuto ao bo fumanang a lokela ho etsa bonnete ba hore mosebetsi ona wa ho hlahlobisa o phethwa ka tshwanelo.
(2) Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika bo tla romela lengolo la bopaki ho lekgotlana le hlahlobisang mme lengolong lena ho tla totobatswa letsatsi le nako eista le dihlopha le mangolo a thuto a lokelang ho hlahlobiswa. Mesebetsi ya makgotlana a hlahlobisang - Makgotlana a hlahlobisang a tla -
- etsa qeto ya hore na mekgwa ya ho hlahloba e sebedissitsweng ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto bakeng sa dihlopha le mangolo a thuto o lokile, o a tshwaneleha kapa o a tshepeha na ho latela se lokelang ho fihlellwa qetellong ya thuto jwalo ka ha se boletswe dihlopheng le mangolong ao a thuto;
- ho etsa kgothaletso ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa mabapi le
- tse lokelang ho ntlafatswa malebana le mesebetsi ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto;
- kananelo ya lekgotla la thuto le thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto;
- diphetoho tse lokelang ho amohelwa ke Makgotla a setjhaba a laolang maemo a thuto mabapi le dihlopha le mangolo a thuto; esita le
- dintho tse ding tseo ka nako le nako Bolaodi ba Mangolo a Thuto le Thupelo Afrika Borwa bo ka laelang hore di etswe; le
- ho etsa mesebetsi e meng ya ho hlahlobisa eo Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa e ka laelang hore e etswe ka nako le nako.
Ho fela ha nako ya tshebetso ya makgotlana a hlahlobisang - (1) Nako ya tshebetso ya lekgotlana le hlahlobisang e tla fela ka letsatsi le nako e boletsweng lengolong la kamohelo, hasese feela haeba Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ka boela ba etsa diphetoho ka lengolo.
(2) Nako ya tshebetso ya lekgotlana le hlahlobisang e ka fediswa haeba ho ya ka Lekgotla le hlahisang maemo a itseng a thuto kapa Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto ka tumello ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa lekgotlana leo le sa phethe mosebetsi wa lona hantle ka tshwanelo.
KGAOLO YA BOTSHELELA MAKGOTLA A SEPOROFESHENALE LE MAKGOTLA A LAOLANG DIHLAHLOBO Ho ba le seabo ha makgotla a seporofeshenale le makgotla a dihlahlobobakeng sa ho ntlafatsa maemo a thuto le ho hlahlobisa mosebetsi ka tshwanelo - Makgotla a seporofeshenale le a dihlahlobo a ka etsa kopo bakeng sa -
- kananelo ya ho ba setho sa Lekgotla le hlophisang maemo a thuto jwalo ka ha ho boletswe molawaneng wa mashome a mabedi kapa wa mashome a mabedi a metso e mmedi (nngwe) wa Melawana ya Makgotla a laolang maemo a thuto e le molawana wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e robedi. (Molawana wa nomoro ya R.452 wa la 28 Hlakubele 1998 o phatlaladitsweng Lesedinyaneng la Ditsebiso tsa Mmuso la nomoro ya 18787);
- kananelo jwalo ka Mokgatlo wa Thuto le Thupelo o kgothaletsang makgabane a thuto o boletsweng molawaneng wa bobedi; le
- kamohelo ya ho ba lekgotlana le hlahlobisang jwalo ka ha le boletswe molawaneng wa leshome le metso e robedi.
KGAOLO YA BOSUPA DINTLHA TSE DING TSE FAPAFAPANENG Tsela ya tshebetso bakeng sa ho etsa boipiletso - (1) Mokgatlo o batlang ho etsa boipiletso kgahlano le qeto ya lekgotla le boletsweng molawaneng wa bobedi kapa wa leshome le metso e mmedi o tla ngola lengolo le tla romelwa ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ka sona sepheo seo. O tla beha mabaka a ona mme lengolo le ngolwe nakong ya dikgwedi tse tharo hoba qeto eo e etswe.
(2) Haeba Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo dumellana le boipiletso ba mokgatlo o boletsweng molawaneng wa bobedi le wa leshome le metso e mmedi, mokgatlo oo o tla lokela ho - - Etsa sehlomathiso bakeng sa qeto eo;
- Ngodisa sehlomathiso seo ditokomaneng tse lokelang e leng ditokomane tseo ho neng ho ngotswe qeto ya pele ho tsona;
- Etsa dihlomathiso tse tshwanelang ditokomaneng tse lokelang mme o be o nehelane ka ditokomane tse fetotsweng tsohle.
Kgutsufatso ya sehlooho - Melawana ena e tla tsejwa e le melawana ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ya selemo sa sekete, makgolo a robong,mashome a robong a metso e robedi.
DINTLHA TSE DINGMELAWANA YA TSHEBETSO BAKENG SA LEKGOTLA LA THUTHO LE THUPELO LE KGOTHALETSANG MAKGABANE A THUTO DITLHALOSO - Mantswe a latelang a tla bolela seo a se bolelang e leng se boletsweng mona ka tlase, haese feela ha tshebediso ya ona e sa fetoha -
Ka Modulasetulo ho bolelwa Modulasetulo wa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto Ka lentswe lena Komiti kapa Lekgotlana ho bolelwa lekgotlana la Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto; Lekgotlana la Phethahatso ke lekgotlana le theilweng ho phetha mesebetsi e itseng lebitsong la Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto; Ke lentswe lena setho ho bolelwa setho sa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto; Ka lentswe lena qeto ho bolelwa qeto e entsweng ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto; Ka lentswe lena mongodi ho bolelwa mongodi wa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. DITHO TSA LEKGOTLA LA THUTO LE THUPELO LE KGOTHALETSANG MAKGABANE A THUTO - Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ba le Modulasetulo, motlatsi wa modulasetulo, mongodi esita le ditho tse ding tse amohetsweng ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. Modulasetulo o tla kgethwa ke ditho tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto kapa ditho tse ding tse hlahang makaleng a mang.
BALAODI KAPA BAOKAMEDI - Modulasetulo wa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto o tla tsamaisa dikopano tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ka nako tsohle. Haeba modulasetulo a le siyo, motlatsi wa hae e tla ba yena ya tsamaisang kopano letsatsing leo. Haeba ditho tsena tse pedi di le siyo, ditho tse ding di tla ikgethela modulasetulo ya tla laola kopano lebitsong la modulasetulo wa kamehla.
DIKOPANO TSA LEKGOTLA LA THUTO LE THUPELO LE KGOTHALETSANG MAKGABANE A THUTO - Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le tla kopana neng kapa neng sebakeng sefe kapa sefe ho latela kamoo qeto e ka etswang ka teng.
- Ho ka ba le dikopano tse ikgethang ho ya kamoo modulasetulo a ka fumanang ho hlokeha ka teng. Dikopano tsa mofuta ona di ka boela tsa ba teng ha palo e seng ka tlase ho nngwe-borarong ya ditho e sisinya hore ho be le kopano e jwalo. Nako le sebaka sa kopano eo di tla bolelwa ke modulasetulo hang ha a se a fumane lengolo la kopo eo.
- Modulasetulo, ka tumellano le Lekgotlana la Phethahatso, o na le matla a ho thisisa kopano efe kapa efe ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto haeba lenane la ditaba tsa mohla monene di bontsha hore ha ho hlokehe hore ho be le kopano hakaalo. Le ha ho le jwalo, ditho di lokela ho tsebiswa ka ho thisa hona ha kopano nakong e ka etsang veke e le nngwe pele ho letsatsi la kopano ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Ho ntse ho le jwalo, ditho di lokela ho tseba hore kopano e keke ya fediswa ka mabaka a diketsahalo tse tlwaelehileng kapa haeba batho ba ka bang pedi-borarong ba ditho tsa lekgotla ba sa dumellane le qeto eo.
- Motho ofe kapa ofe ya lokelang ho ba teng kopanong ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto o tla tsebiswa ho ba teng kopanong efe kapa efe ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto.
- Ditokomane tsohle tse romeletsweng ditho di lokela ho ngolwa hantle ho supa ditaba tse lengolong e le ho netefatsa ntlha ya hore ditaba tsa mangolo di sebetswa ho latela kamoo di tshwailweng ka teng.
TSEBISO YA DIKOPANO- Mongodi o tla romella setho se seng le se seng sa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto tsebiso ya kopano ya lekgotla lena. Tsebiso ena e tla hokelwa lenane la ditaba tsa mohla monene. Tsebiso ena e lokela ho fihla ho ditho matsatsi a ka bang a leshome le metso e mene pele ho letsatsi la kopano mme a romelwa atereseng e ngodisitsweng ho mongodi. Mabapi le dikopano tsa tshohanyetso tse ka rerwang ke modulasetulo, tsebiso e lokela ho fihla ho ditho nakong ya matsatsi a seng ka tlase ho matsatsi a mararo a tshebetso.
- Haeba lengolo la tsebiso le sa fihla ho setho ho latela aterese eo setho se e ngodisitseng, sena se keke sa thibela hore ho tswelwe pele ka kopano efe kapa efe.
BUKANA YA MABITSO A BA LENG TENG KAPA REJISETARA - Setho se seng le se seng se tlileng kopanong ya Lekgotla la thuto le thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto se lokela ho saena bukana ya mabitso a ba leng teng kopanong eo.
PALO YA DITHO TSE LOKELANG HO BA TENG PELE KOPANO E KA QALA - Halofo ya ditho tsohle tsa lekgotla, re sa balelle modulasetulo, e lokela ho ba teng pele kopano e qala dikopanong tsohle tse tlwaelehileng tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Ha e se kopano e tlwaelehileng, ho lebellwa hore bonyane ho be le palo ya nngwe-borarong ya ditho tsohle tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto mme re sa balelle ho ba teng ha modulasetulo.
- Haeba ho se na palo e lekaneng ya ditho pele kopano e qala, kopano e tla nne e tswele pele empa ho tla lokela hore ho nkuwe diqeto tse etswang moo e le tse tla lokela ho tadingwa ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto bakeng sa dipuisano sa lona nakong ya kopano e latelang, pele ho ka etswa diqeto tse feletseng.
DITSEBISO TSA MASEDINYANA - Modulasetulo wa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ka tumelano le Modulasetulo wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa o tla phatlalatsa ditaba tse amang mesebetsi esita le dikopano tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto, haeba ho fela ho hlokeha hore a etse jwalo.
METSOTSO - Metsotso ya kopano e nngwe le e nngwe ya Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto e tla ngolwa mme ebe mongodi o nehelana ka yona kopanong e latelang e le hore lekgotla le e hlahlobe hore na le a e amohela na. Mongodi ha a ngolla ditho mme a di tsebisa ka kopano e latelang, o tla be a se a ba romella le metsotso ena ya kopano e fetileng.
- Metsotso ha e na ngolwa ka tsela eo lentswe ka leng le builweng kopanong e fetileng le tla hlahella metsotsong empa ho tla kgutsifatswa ditaba mme ho be ho ngolweng dintlha tsa bohlokwa tse hlahisitsweng le hore na qeto e bile efe bakeng sa ntlha e nngwe le e nngwe e hlahisitsweng. Ka tsela ena, setho se seng le se seng se batlang hore maikutlo a sona e be a hlahisitswe metsotsong se na le tokelo ya ho hlahisa boipiletso bo jwalo.
DIPUISANO TSA LEKGOTLA LA SETJHABA LE LAOLANG MAEMO A THUTO ESITA LEDIVOUTU TSA LONA - Ho tla sebediswa melao le melawana e laolang dikopano bakeng sa tsamaiso ya kopano e nngwe le e nngwe ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto.
- Ha ho tla etswa qeto bakeng sa ntlha e itseng, ho lokela hore bohle ba dumellane ka qeto eo. Haeba bohle ba sa utlwane ka maikutlo mabapi le qeto, ho lokela hore ho voutwe kapa yona lotho. Haeba ho lokela hore ho voutwe, ho tla voutwa jwalo ka ho phahamisa matsoho. Haeba ho na le setho se kopang hore ho ngolwe dipampitshana tsa divoutu, eba lekgotla le tla qeta ka hore ho etswe jwalo mme lotho ya mofuta oo e etswe ka sephiri.
- Modulasetulo, ka lebaka la hobane a tsamaisa kopano, ha a na fuwa matla le tokelo ya ho vouta jwalo ka ba bang empa yena o tla etsa voutu ya makgaolakgang haeba divoutu di lekane.
- Haeba modulasetulo a le siyo, ya dutseng setulo mokobobo kapa motlatsi wa hae yena o tla nne a voute jwalo ka setho se seng le se seng.
- Ha ho na setho se ka itokollang qetong e entswe ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto haeba qeto eo e entswe a le teng. A ka itokolla feela ha a ka ikopela pele taba e buuwa hore a seke a ba teng ha ho buuwa taba ena.
- Jwalo ka ha ho boletswe melaong le melawaneng ena ya lekgotla, qeto e fihlellwang ke bongata ba ditho tsa lekgotla e tlama setho se seng le se seng sa lekgotla lena. Ke ho re, ke qeto ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Maikutlo a ditho tse mmalwa a ka ngolwa feela mme a bolokwa kaekae. Sena se ka etsahala feela ha tsona ditho tse mmalwa tsena di kopa jwalo.
- Ho latela melao ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto, haeba ho lokela hore ho etswe qeto ya bohlokwa pele kopano e latelang ya lekgotla lena e ba teng, modulasetulo o na le tokelo ya ho laela mongodi hore a ngolle setho se seng le se seng mme a se kope hore se hlahise maikutlo a sona hodima ntlha eo ho lokelang hore ho nkuwe qeto ka yona. Tsebisong ena ho tla bolelwa hore na maikutlo ana a ditho a tla tla hlahlojwa neng e le ho etsa qeto e feletseng. Le ha ho le jwalo, nako e lokelang hore sena se etsahale ka yona e keke ya ba nako e ka tlase ho matsatsi a leshome ho tloha ka letsatsi leo mangolo a neng a romellwa ditho. Qeto ya bongata ba ditho e tla ba yona qeto ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Ditho di tsa tsebiswa ka qeto ena mohla letsatsi la kopano e latelang.
HO THEHWA HA LEKGOTLANA LA PHETHAHATSO - Lekgotlana la Phethahatso le tla ba le ditho mme le be le kgethwe ke tsona. Le tla ba le modulasetulo le ditho tse ding tse ngata tseo palo ya tsona e tla laolwa ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto.
- lekgotlana leo la phethahatso le tla sebetsana le ditaba tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto, dikopano tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le hore diqeto tsohle tseo lekgotlana lena le di nkang di lokela ho hlahlojwa le ho dumellwa ke Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto.
- Modulasetulo, kapa haeba a le siyo motlatsi wa modulasetulo athe ha motlatsi wa modulasetulo le yena a le siyo motshwaredi wa modulasetulo bakeng sa nakwana e leng ya kgethilweng ke tsona ditho o tla tsamaisa dikopano tsohle tsa Lekgotlana la Phethahatso.
- Modulasetulo wa Lekgotlana lena la phethahatso o tla etsa pehelo malebana le ditaba tsa Lekgotlana la Phethahatso kopanong e tlwaelehileng ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto, mme
- palo ya batho ba lokelang ho ba teng kopanong ya Lekgotlana la Phethahatso e tla ba Modulasetulo le halofo ya ditho tsohle tsa lekgotlana leo.
MOSEBETSI WA MONGODI - Mosebetsi wa bongodi bakeng sa mesebetsi ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto o tla etswa ke mongodi ka tataiso ya modulasetulo wa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto.
- Mosebetsi wa mongodi ke ho thusa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ka ho:
- etsa mosebetsi wa bongodi
- fana ka keletso mererong ya tsamaiso
- ho etsa mosebetsi o hlwahlwa bakeng sa tsamaiso
- ho ba le thuso mererong ya bolaodi
- ho etsa e meng ya mesebetsi eo ka nako le nako Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ka kopang hore e etswe.
HO ETSA DIHLOMATHISO MELAONG - Batho ba tlileng kopanong ya lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto ba ka eketsa melao kapa ba etsa dihlomathiso tse itseng ho yona kopanong efe kapa efe ya lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto. Sena se etswa ka tumellano le Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. Sena se boetse se ka etswa haeba e le karolo ya lenane la tsamaiso ya mohla kopano (ditho di romeletswe lenane lena la tsamaiso) mme ditho tse tlileng kopanong eo di feta halofo ya ditho tsohle tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto.
HO HLAHLOBISA KAPA HO TADIMA BOTJHA DIQETO TSA LEKGOTLA LA THUTO LE THUPELO LE KGOTHALETSANG MAKGABANE A THUTO - Qeto e nngwe le e nngwe e entsweng kopanong ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto e tla fuwa nomoro ya lekgotla lena le kgothaletsang makgabane a thuto. Ena e tla ba nomoro e ikgethang mme e tla netefatsa hore eo ke qeto ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto.. Setho sefe kapa sefe se batlang hore qeto e itseng e boele e tadingwe botjha se lokela ho ngola lengolo mme se etse kopo e jwalo. Lengolo la mofuta oo le lokela ho fihla matsohong a mongodi matsatsi a ka bang a leshome le metso e mene pele ho letsatsi la kopano ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto.. Haeba Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. le etsa dihlomathiso qetong e fihleletsweng, sehlomathiso kapa dihlomathiso tseo di tla ngolwa metsotsong ya kopano. Ho tla ngolwa ditaba tsa bohlokwa tsa dihlomathiso tseo

Print friendly version
|